Jwale Abrahama a atamela, a re: Hleka o ka timetsa ya lokileng hammoho le ya bolotsana na?
Eksoda 23:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Balehela kahlolo e leshano, mme o se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane nke ke ka etsetsa e mobe jwaloka hoja a lokile. BIBELE O be hole le qoso ya leshano. O se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane ha nka ke ka lokolla molotsana. |
Jwale Abrahama a atamela, a re: Hleka o ka timetsa ya lokileng hammoho le ya bolotsana na?
Ha o ka kgutlela ho Ya matla wohle, o tla boela o tsoswe; feela, o leleke bokgopo tenteng ya hao.
O se ke wa tsamaisa taba ya leshano. O se ke wa emela e mobe, hore o be paki ya bohata bo etswang ke yena.
o hauhelang meloko e dikete, o tshwarelang motho bokgopo le boikgantsho le sebe, o sa latoleng molato wa motho ya nang le wona, o otlang bana le ditloholo ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo ba bontata bona.
Ruri e mobe a ke ke a lesa ho otlwa; empa leloko la motho ya lokileng le tla namolelwa.
Ya hlatswang motho ya melato, le ya tswang motho ya se nang molato, ba babedi ba manyala ho Jehova.
E tla ba ya tsamayang tseleng ya ho loka, ya bolelang ka ho loka, ya nyatsang maruo a nkilweng ka matla, ya hlohlorang letsoho la hae le tle le se ke la amohela dineo, ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa merero ya ho bolaya, ya tutubalang mahlo hore a se ke a bona bobe.
Ho madimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi lesedi, le lesedi ba le etsa lefifi; ba etsang ho baba monate, le monate ba o etsa ho baba!
O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.
Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato wa hae. Jehova! ... tsela ya hae e hara sefefo le sekgohola, maru ke lerole la maoto a hae.
Masole le wona a mmotsa, a re: Le rona, re tla etsa eng? A re ho wona: Le se ke la etsa motho ka matla, leha e le ka thetso; hape le kgolwe ke moputso wa lona.
Hobane bohale ba Modimo bo bonahala bo etswa lehodimong, ho otla nyefolo e nngwe le e nngwe, le bokgopo bo bong le bo bong ba batho, ba hatellang nnete ka bokgopo.
Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.
Etlere ha batho ba bang ba ena le tseko, mme ba etla nyeweng ho tla ahlolwa, ya lokileng a ke a bolelwe hoba o lokile, mme ya molato a tsuwe.
Ho rohakwe ya amohelang moputso ho bolaya motho ya se nang molato! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!