Empa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: Bona, mong a ka ha a mpotse letho la tsa ntlo ya hae, tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka;
Eksoda 22:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha motho a nea wa habo esele, kapa kgomo, kapa konyana, leha e le phoofolo e nngwe ho e boloka, mme e eshwa, kapa e robeha setho, kapa e utsuwa ho sa bonwe motho; BIBELE “Ha motho a siela motho e mong tonki, kapa pholo, kapa nku, kapa phoofolo efe kapa efe, mme eba e a shwa, kapa e a robeha, kapa e utsuwa ho se ya bonang; |
Empa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: Bona, mong a ka ha a mpotse letho la tsa ntlo ya hae, tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka;
kano ya ho ana ka Jehova e tla bewa mahareng a batho bao ba babedi, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho nthong ya wa habo; monga yona o tla dumela kano, mme ha a ka ke a lefelwa letho.
Haele tabeng efe le efe ya molato wa kgomo, kapa wa esele, kapa wa konyana, kapa wa seaparo, leha e ka ba wa ntho e lahlehileng eo ho ka thweng, ke yona ntho e tsekwang ke batho bao ba babedi, e tla tliswa pela Modimo; eo Modimo o tla re, o molato, o tla lefela wa habo habedi.
Empa ya sa kang a tseba, mme a entse ditaba tse tshwanelwang ke kotlo, o tla otlwa hanyenyane. E mong le e mong ya neilweng haholo, ho tla batlwa haholo ho yena; mme ya laeleditsweng haholo, ho tla botswa haholo ho yena.
Ha esita maruong a sa lokang le sa ka la ba kgabane, ke mang ya tla le tshepela maruo a nnete?
Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.