Kannete ke tla batla madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngwanabo motho.
Eksoda 21:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha e mong a bata motho, mme eo a eshwa, a bolawe. BIBELE “Ya otlang motho, mme motho eo a eshwa, ruri o tla bolawa. |
Kannete ke tla batla madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngwanabo motho.
Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.
Yaba Davida o re ho Nathane: Ke sitetswe Jehova. Nathane a re ho Davida: Le yena Jehova o se a fetisitse sebe sa hao, o ke ke wa shwa.
Ekare ha a sa mo fe ntho tsena tse tharo, o tla itswela a sa lefe letho, ho se topollo.
Yaba Jesu o re ho yena: Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwereng sabole, ba tla bolawa ka sabole.