Eksoda 20:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) O se ke wa etselletsa wa heno ka leshano. BIBELE “O se ke wa etseletsa motho e mong. |
O se ke wa tsamaisa taba ya leshano. O se ke wa emela e mobe, hore o be paki ya bohata bo etswang ke yena.
O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.
O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.
A re ho yena: Efe? Jesu a re: E reng: O se ke wa bolaya, o se ke wa feba, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata,
Masole le wona a mmotsa, a re: Le rona, re tla etsa eng? A re ho wona: Le se ke la etsa motho ka matla, leha e le ka thetso; hape le kgolwe ke moputso wa lona.
Ba hlahisa dipaki tse leshano, tse reng: Motho enwa ha a lese ho bolela ditaba tse nyefolang nqalo ena e halalelang le molao;
Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itshena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, di falatswe ho lona.
le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,
e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo;
Le se ke la sebana, banabeso. Ya sebang ngwanabo, kapa ya ahlolang ngwanabo, o seba molao, o ahlola molao; mme ha o ahlola molao, ha o moetsi wa molao, empa o le moahlodi wa wona.