Ke tla tlisa sengwathwana sa bohobe, le ke le hlaphole dipelo tsa lona, le ntoo feta; hobane ke ka baka leo le fetang pela mohlanka wa lona. Ba re: Etsa jwalokaha o boletse.
Eksoda 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o re ho baradi ba hae: Homme o kae? Monna eo le mo sietseng? Mmitseng, a tlo ja bohobe. BIBELE Yaba o re ho baradi ba hae: “O kae monna eo? Le ne le mo sielang? Mmitseng, a tlo ja!” |
Ke tla tlisa sengwathwana sa bohobe, le ke le hlaphole dipelo tsa lona, le ntoo feta; hobane ke ka baka leo le fetang pela mohlanka wa lona. Ba re: Etsa jwalokaha o boletse.
Yare ha Labane a utlwa ditaba tsa Jakobo, mora kgaitsedie, a titima, a mo kgahlanyetsa, a mo phothoma, a mo aka, a mo tlisa ka tlung ya hae. Yaba o bolella Labane ditaba tseo kaofela.
Jakobo a hlaba sehlabelo thabeng, a bitsa bahabo ho tla ja bohobe; yaba ba ja bohobe, ba robala thabeng.
Ba lokisa nyehelo ho e beela Josefa ha a etla motshehare; ka hoba ba ne ba utlwile hore ba tla ja teng.
ha eba hase nnete hobane moeti o ne a se na ho hlola bosiu kantle, hobane ke ne ke ntse ke buletse baeti monyako wa ka;
Yaba banababo bohle, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle bao a neng a tsebana le bona pele, ba tla ho yena, ba ja le yena ka tlung ya hae, ba hlakola meokgo ya hae, ba mo tshedisa hodima bohloko bohle boo Jehova a neng a bo tlisitse hodima hae; e mong le e mong a mo nea sekoto sa silefera le lesale la kgauta.
Ba re: Moegepeta o re namoletse matsohong a badisa, a ba a re kgella metsi, a nosa dinku.
ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.
Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.