Empa Abrahama a nyatsa Abimeleke ka baka la sediba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.
Eksoda 2:17 - Sesotho 1909/1961 (SO) Badisa ba fihla, ba ba lelekisa; empa Moshe a ema, a ba namolela, mme a nosa dinku tsa bona. BIBELE Ke ha ho fihla badisa, eba ba a ba leleka; yaba Moshe o a ema, o a ba thusetsa, a ba a nwesa mohlape wa bona. |
Empa Abrahama a nyatsa Abimeleke ka baka la sediba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba neng ba se nkile ka manganga.
Eitse ha Jakobo a bona Ragele, moradi wa Labane, kgaitsedi ya mmae, le dinku tsa Labane, kgaitsedi ya mmae, Jakobo a atamela, a ribolla letlapa le leng hodima molomo wa sediba, a nosa dinku tsa Labane, malomae.
Mehlape kaofela e ne e buswa e bokellelwa teng, mme letlapa le ne le ribollwa hodima molomo wa sediba, ho tle ho noswe mehlape; eba letlapa le busetswa tulong tsa lona hodima molomo wa sediba.
Yaba o thalatsa kwana le kwana, mme eitse ha a bona ho se motho, a bolaya Moegepeta, a mo pata lehlabatheng.