Eksoda 19:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela. BIBELE Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona. |
Wa ba wa theohela thabeng ya Sinai, wa bua le bona o le mahodimong; wa ba nea dikahlolo tse lokileng le melao ya nnete, le ditemoso tse molemo le ditaelo.
Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.
Thaba ya Sinai e ne e kubella mosi kahohle hobane Jehova o ne a theohetse ho yona a le mollong; mosi wa yona wa lopallela hodimo jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba kaofela ya reketla haholo.
Jehova a theohela hodima thaba ya Sinai, qhoweng ya thaba; Jehova a biletsa Moshe qhoweng ya thaba, mme Moshe a nyoloha.
Kganya ya Jehova ya dula thabeng ya Sinai, mme leru la e apesa ka matsatsi a tshseletseng; ka la bosupa, a bitsa Moshe a le lerung.
Ponahalo ya kganya ya Jehova e ne e ka mollo o timetsang qhoweng ya thaba, mahlong a bana ba Iseraele.
Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.
O itokise e sa le hosasa, mme o hlwelle thabeng ya Sinai hosasa; o eme teng pela ka, qhoweng ya thaba.
Ke tla theoha, ke bue le wena teng; ke tla nka moyeng o hodima hao, mme ke tla o bea hodima bona; ba tla jara le wena phahlo ya setjhaba, mme ha o sa tla e jara o nnotshi.
Ha ho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho, ya leng lehodimong.
Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng.
A re: Jehova o tlile a etswa Sinai; o ba tjhabetse a etswa Seire; a kganya a le thabeng ya Parane; o tlile a etswa makgotleng a diketekete a kgethehileng; ka letsoho la hae le letona, a ba romela mollo wa molao.
Letsatsing leo o neng o itlhahise Horebe pela Jehova, Modimo wa hao, Jehova o ne a itse ho nna: Mphuthele setjhaba, ke tle ke se utlwise mantswe a ka, hore ba tle ba ithute ho ntshaba ka matsatsi wohle a ho phela ha bona lefatsheng, mme ba rute bana ba bona.
Joshua a ntoo re ho setjhaba: Itlhwekiseng, hobane Jehova o tla etsa dimakatso hara lona hosasa.