Eksoda 18:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hosasane, Moshe a dula ho ahlolela sejhaba; setjhaba sa ema pela Moshe ho qala hosasa, ho isa mantsiboya. BIBELE Ka letsatsi la hosasane Moshe a dula kgotla ho ahlola batho. Setjhaba sa ema kapele ho Moshe ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya. |
Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe, o tlisetsa Modimo setjheso le mahlabelo, mme Aarone le baholo kaofela ba Iseraele ba tla ho tla ja bohobe le mohwehadi wa Moshe, pontsheng ya Modimo.
Eitse ha mohwehadi wa Moshe a bona tsohle tseo a di etsetsang setjhaba, a re: Taba eo o e etsetsang setjhaba ke efe? O dula o nnotshi ka baka lang, mme setjhaba sohle se emetseng pela hao ho qala hosasa ho fihlela mantsiboya?
Hobane ho hlomilwe terone ya mohau moo moahlodi wa nnete a dulang teng, tlung ya Davida, ya tjhesehelang tokiso, ya akofisang ho loka.
A ho tsohe, a ho tle ditjhaba kgohlong ya Josafate; hobane teng ke tla dula ho ahlola ditjhaba tsohle tse ka mathoko!
ya kgothatsang, a tiye kgothatsong; ya etsang dithuso, a thuse ka pelo e tshweu; ya laolang, a laole ka matla; ya etsang tsa mohau a di etse ka thabo.
Ke ka baka leo le ntshang makgetho; hobane marena ke babusisi ba Modimo ba tiisetsang kabelong ya bona kamehla.
lona ba palameng diesele tse tshweu lona ba dutseng maseleng a alwang; le lona ba tsamayang ka ditsela, binang!