Eksoda 14:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) A nka le makoloi a makgolo a tsheletseng a kgethilweng le makoloi a Egepeta kaofela, a kentse bahale ho wona kaofela. BIBELE A nka dikariki tsa ntwa tse makgolo a tsheletseng, tse kgethilweng, le dikariki tsohle tsa Egepeta, le balaodi ba di laolang. |
Ba bang ba ithorisa ka makoloi a bona, ba bang ka bakalli ba bona; empa rona, re tla ithorisa ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona;
Makoloi a Modimo a dikete tse mashome a mabedi, dikete le diketekete; morena o mahareng a wona; Sinai o sehalalelong.
Baegepeta ba ba phallela, ba kena kamora bona kahara lewatle, ka mapere a Faro kaofela, makoloi a hae, le bakalli ba hae.
Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, morena wa Egepeta, hore a phallele bana ba Iseraele; hobane bana ba Iseraele ba ne ba tswile ka letsoho le phahameng.
Makoloi a Faro le lekgotla la hae o a dihetse lewatleng, dinatla tsa hae tse kgethehileng di nwetse Lewatleng le Lefubedu.
O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.
Jehova a qhala Sisera pela Barake, le makoloi a hae kaofela, le makgotla a hae kaofela ka bohale ba lerumo, mme Sisera a theoha koloing ya hae, a baleha ka maoto.
Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, hobane Sisera o ne a na le makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong; bana ba Iseraele ba tujwa hampe ke yena ka dilemo tse mashome a mabedi.