Iseraele a re ho Josefa: Bona, ke se ke ya shwa, empa Modimo o tla ba le lona, o le busetse lefatsheng la bontata lona.
Eksoda 13:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a nka le masapo a Josefa; hobane Josefa o ne a hlapantshitse bana ba Iseraele, a re: Modimo o tla le etela ruri, mme le tle le tlohe kwano le nkile masapo a ka. BIBELE Moshe a nka masapo a Josefa, hobane Josefa o ne a ile a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: “Ruri Modimo o tla le etela; le tle le nyolohe le masapo a ka ha le tloha mona.” |
Iseraele a re ho Josefa: Bona, ke se ke ya shwa, empa Modimo o tla ba le lona, o le busetse lefatsheng la bontata lona.
Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.
Ba ahisaneng le yena le bahabo ba utlwa hoba Morena o tumisitse mohau wa hae ka yena, ba thaba le yena.
Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.
Mme ditopo tsa bona tsa iswa Sikeme, tsa patwa lebitleng la Abrahama, leo a neng a le reke ka ditjhelete ho bara ba Hamore, Sikeme.
Ka tumelo Josefa, mohla a shwang, o kile a bolela ho tloha ha bana ba Iseraele, mme a ba beela molao bakeng sa masapo a hae.
Le masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba tlile le wona, ha ba etswa Egepeta, ba a pata Sikeme, karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e rekile ho bara ba Hamore, ntata Sikeme, ka ditjhelete tse lekgolo; ya eba lefa la bana ba Josefa.