Yaba Moshe o bitsa baholo ba Iseraele kaofela, a re ho bona: Kgethang, mme le inkele konyana ka matlo a lona, mme le hlabe Paseka.
Eksoda 13:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Matsibolo kaofela a diesele o a lopolle ka konyana; ha o sa a lopolle, o a robe molala; matsibolo wohle a batho, baneng ba hao, o a lopolle. BIBELE Matsibolo wohle a ditonki o tla a lopolla ka konyana, mme ha o sa a lopolle, o a sothe melala. Matsibolo wohle a ba batona a bana ba hao o a lopolle. |
Yaba Moshe o bitsa baholo ba Iseraele kaofela, a re ho bona: Kgethang, mme le inkele konyana ka matlo a lona, mme le hlabe Paseka.
Bolellang phutheho yohle ya Iseraele, le re: Ka tsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, kapa potsanyane, ka matlo a bontata bona, ntlo le ntlo e be le konyana.
Nkgethele matsibolo kaofela, tsohle tse qalang mpa hara bana ba Iseraele, leha e le a batho, leha e le a diphoofolo; ke a ka.
O lopolle letsibolo la esele ka konyana; ha o sa le lopolle, o le robe molala. O tla lopolla letsibolo la bara ba hao; hape le se ke la hlaha pela ka le sa tshwara letho.
Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.