Ba apeha dinkgwa tse sa lomoswang tsa hlama eo ba tswileng Egepeta le yona, hobane e ne e sa ka ya lomoswa, etswe ba ne ba potlakisitswe Egepeta, ba sitwa le ho e apeha, le mefaho ba sa ka ba iketsetsa yona.
Eksoda 12:34 - Sesotho 1909/1961 (SO) Batho ba inkela hlama ya bona e eso ho hohomohe, ba phuthela merifi ya bona ya ho dubela dikobong tsa bona, ba e jara mahetleng a bona. BIBELE Baiseraele ba nka hlama ya bona e eso lomoswe, le dijana tsa bona tse dubelang, ba di phutha ka diaparo tsa bona, ba di jara mahetleng a bona. |
Ba apeha dinkgwa tse sa lomoswang tsa hlama eo ba tswileng Egepeta le yona, hobane e ne e sa ka ya lomoswa, etswe ba ne ba potlakisitswe Egepeta, ba sitwa le ho e apeha, le mefaho ba sa ka ba iketsetsa yona.
Noka e tla nyekenyeha dihohwana; di tla nyoloha, di kene ka tlung ya hao, le ka taong tsa malao a hao, ho fihlela le malaong a hao, le ka matlung a bahlanka ba hao le a setjhaba sa hao, le diontong tsa hao le merifing ya hao eo ho dubelwang bohobe ho yona.
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, hlama e tle e kokomohe kaofela.