Le pome nama ya ntlha ya dipele tsa lona, mme e tla ba pontsho ya selekane sa ka le lona.
Eksoda 12:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta. BIBELE Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta. |
Le pome nama ya ntlha ya dipele tsa lona, mme e tla ba pontsho ya selekane sa ka le lona.
Le tle le e je ka mokgwa ona: le itlamile matheka, le rwetse dieta tsa lona maotong a lona, le tshwere lere la lona matsohong a lona, le e je le potlaka: ke Paseka ya Jehova.
Hobane Jehova o tla haola ka Egepeta, a e otle, mme etlare ha a bona madi sefateng se hodimo le dikoseneng, Jehova o tla feta hodima monyako, a se ke a dumella mosenyi hore a kene ka matlung a lona ho le otla.
Ba tla kgella madi a yona, ba foke dikosene tsa menyako le mosehlelo o hodima menyako ya matlo ao ba jelang ho wona.
mme Jehova a re ho yena: Pholletsa ka motse, ka Jerusalema, o tshwaye diphatla tsa batho ba fehelwang, ba bobolang ka baka la manyala wohle a etswang hara wona.
le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.
Ka tumelo, o entse Paseka le phoko ya madi, hore ya bolayang matsibolo a se ke a ama a Baiseraele.
Jwale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, jwalokaha ke le entse hantle, le lona le tla etsa ntlo ya ntate hantle. Le nnee pontsho ya nnete,
Bona mohla re kenang lefatsheng la lona, o ke o hokele kgwele ena ya lesika le lefubedu fensetereng eo o re theositseng ka sona; hape, o ke o bokelle ka ha hao ntatao, le mmao, le banabeno, le bohle ba ntlo ya ntatao.
Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.