Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.
Eksoda 10:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a re: E ka kgona o re fe matsohong tseo re tlang ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo le ditjheso ka tsona. BIBELE Yaba Moshe o re: “Le wena he, o tlameha ho re nea diphoofolo tsa sehlabelo le tsa setjheso, re tle re etsetse Morena Modimo wa rona, sehlabelo. |
Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.
Yaba Faro o bitsa Moshe, a re: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, empa feela ha ho sale manku a lona le makgomo a lona, le ye le bana ba lona.
E ka kgona le mehlape ya rona e tsamaye le rona; ho ke ke ha sala le tlhako, hobane re tla nka ho tsona, ha re sebeletsa Jehova, Modimo wa rona; etswe re ke ke ra tseba hoba e ka kgona re nyehelle Jehova ka dife, ho fihlela re ba re fihla teng.
Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.
Aarone o tla atametsa phooko e kgethetsweng Jehova, mme o tla e hlaba, e etswe sehlabelo sa sebe.
Aarone a otlollela matsoho a hae ka nqa setjhabeng, a se hlohonolofatsa; a ntoo theoha ha a se a qetile sehlabelo sa sebe, le setjheso, le sehlabelo sa teboho.