Mehlape ya bona, le maruo a bona, le makgomo a bona kaofela, na ha di yo ba tsa rona na? Feela, re ba dumele, ba ahe le rona.
Eksoda 10:24 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Faro o bitsa Moshe, a re: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, empa feela ha ho sale manku a lona le makgomo a lona, le ye le bana ba lona. BIBELE Yaba Faro o bitsa Moshe, o re ho yena: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena! Feela mehlape ya lona ya dinku le ya dikgomo, yona le e siye. Bana ba lona bona ba ka ya le lona.” |
Mehlape ya bona, le maruo a bona, le makgomo a bona kaofela, na ha di yo ba tsa rona na? Feela, re ba dumele, ba ahe le rona.
Moshe a re: E ka kgona o re fe matsohong tseo re tlang ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo le ditjheso ka tsona.
Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Tsamayang, le ye ho hlabela Modimo wa lona naheng ena.
Yaba Faro o re: Ke tla le lokolla, le tle le ye ho hlabela Jehova, Modimo wa lona, lefeelleng; empa le se ke la ya hole hakakang; nthapelleng.
Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.
Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.