Ka re ke sa ntse ke e bohile, ka bona phooko e haola ka bophara ba lefatshe, e tswa bophirimela, e sa hate fatshe; phooko eo e ne e na le lenaka le leholo dipakeng tsa mahlo a yona.
Daniele 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ya fihla ho pheleu e dinaka tse pedi eo ke e boneng e eme pela noka, ya itihela hodima yona ka matla a bohale ba yona. BIBELE Phooko ena ya fihla ho pheleu yane e naka di pedi, eo ke boneng e eme lebopong la noka, mme ya e kgorohela ka sekgahla se seholo. |
Ka re ke sa ntse ke e bohile, ka bona phooko e haola ka bophara ba lefatshe, e tswa bophirimela, e sa hate fatshe; phooko eo e ne e na le lenaka le leholo dipakeng tsa mahlo a yona.
Ka e bona e teana le pheleu, e e halefetse: ya thesela pheleu, ya e kgorola dinaka tse pedi tsa yona; mme matla a hlokahala pheleung a ho emellana le yona ya e lahlela fatshe, ya e hatakela, ho se motho ya e namolelang matleng a yona.