Yaba Hamane o re ho morena Assueruse: Ho na le setjhaba se seng, se qhalaneng, se hasaneng hara ditjhaba tse dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao; melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding; ha ba ye ka melao ya morena; ha ho lokele hore morena a ba tlohele ba iketlile.
Marena a Bafilesta a mpa a re: Baheberu bao ba etsang moo? Akishe a re ho marena a Bafilesta: Na eo hase Davida, mohlanka wa Saule, morena wa Iseraele, ya nnileng a dula le nna, e se e le ditshiu tse itseng le lemo tse itseng, eo ke esong ho fihlele molato ho yena, haesale a kwenehela ho nna, ho fihlela la kajeno?