Haele menwana ya maoto eo e neng e le ya tshepe ka nqa e nngwe, mme ka nqa e nngwe e le ya letsopa, ke hobane mmuso oo o tla ba matla ka nqa e nngwe, ka nqa e nngwe e be o pshatlehang.
Daniele 2:43 - Sesotho 1909/1961 (SO) Seo o se boneng, ha tshepe e ne e kopane le letsopa, ke hobane ba tla nyalana ba kopantse meloko ya batho, empa ba ke ke ba momahana, jwaloka tshepe ha e sa momahane le letsopa. BIBELE Jwalokaha o bone tshepe e kopantswe le letsopa le bonolo, dikgosi le tsona di tla leka ho ikopanya ka ho nyallana, empa di ke ke tsa kopana, jwalokaha tshepe e ke ke ya kopana le letsopa. |
Haele menwana ya maoto eo e neng e le ya tshepe ka nqa e nngwe, mme ka nqa e nngwe e le ya letsopa, ke hobane mmuso oo o tla ba matla ka nqa e nngwe, ka nqa e nngwe e be o pshatlehang.
Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;