Mme mmuso wa bone o tla ba le matla a jwaloka a tshepe; jwaloka tshepe ha e robakanya, e silakanya ntho tsohle, e, jwaloka tshepe e thuhang, o tla robakanya, o silakanye ntho tsohle jwalo.
Daniele 2:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele ka seo o se boneng, hoba maoto le menwana ya sona ka nqa e nngwe e le letsopa la mmopi wa dipitsa, ka nqa e nngwe e le tshepe, ke hobane mmuso oo e tla ba mmuso o arohileng; empa ho wona ho tla ba ho kang matla a tshepe, hobane o bone tshepe e kopantsweng le letsopa. BIBELE Jwalokaha o bone ho entswe maoto le menwana ka letsopa le ka tshepe, le mmuso oo o tla arohana jwalo; o tla nne o be le matla a kang a tshepe, jwalokaha o bone tshepe e kopantswe le letsopa le bonolo. |
Mme mmuso wa bone o tla ba le matla a jwaloka a tshepe; jwaloka tshepe ha e robakanya, e silakanya ntho tsohle, e, jwaloka tshepe e thuhang, o tla robakanya, o silakanye ntho tsohle jwalo.
Haele menwana ya maoto eo e neng e le ya tshepe ka nqa e nngwe, mme ka nqa e nngwe e le ya letsopa, ke hobane mmuso oo o tla ba matla ka nqa e nngwe, ka nqa e nngwe e be o pshatlehang.
Manaka a leshome ke marena a leshome, a tlang ho tswalwa mmusong oo; e mong o tla hlaha kamora wona, ya hosele ho a pele, mme o tla kokobetsa marena a mararo.
Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.
Mohlolo o mong hape wa hlaha lehodimong, e le wa drakone e kgolo, e kgubedu, e nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le meqhaka e supileng dihloohong tsa yona.
Yaba ke bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome; dinakeng tsa sona se ne se rwetse meqhaka e leshome; mme dihloohong tsa sona ho ne ho ngodilwe mabitso a nyefolang Modimo.
Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke marena a leshome, a esong ho nke borena, a mpa a tla amohela matla a borena hammoho le sebata ka hora e le nngwe.