Daniele 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Molao wa tumiswa, mme babohlale ba ne ba se ba bolawa; ho ne ho batlwa Daniele le balekane ba hae ho ba bolaya. BIBELE Yaba ho phatlalatswa taelo ya hore bahlalefi ba bolawe, mme batho ba ya batla Daniele le metswalle ya hae hore ba tlo bolawa. |
Yaba Daniele o kena ho Arioke eo morena a mo neileng taelo ya ho bolaya babohlale ba Babilona; a fihla, a re ho yena: O se ke wa timetsa babohlale ba Babilona, o mpe o nkise pela morena, mme ke tla tsebisa morena kwahollo ya toro.
ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.