Daniele 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba nna Daniele, ke a tadima, mme bonang, ba bang ba babedi ba ne ba eme, e mong mose o kwano wa noka, e mong mose wane wa noka. BIBELE Yaba nna Daniele, ke a tadima, mme ka bona banna ba bang ba babedi ba eme, e mong a le lebopong le ka mose wane ho noka, e mong a le lebopong le ka kwano ho noka. |
Mme bonang, motho ya jwaloka mora motho a ama molomo wa ka; ka ahlamisa molomo wa ka, ka bua, ka re ho ya emeng pela ka: Morena ka, pono e ntshositse, ke feletswe ke matla.
Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha.
E mong a re ho motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka: Ke neng bofelo ba taba tseo tse makatsang bo tla hlaha?