Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!
Daniele 12:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho lehlohonolo ya lebelang, mme a finyella matsatsing a sekete se le seng se nang le makgolo a mararo a mashome a mararo a metso e mehlano. BIBELE Ho lehlohonolo ya tla mamella ho fihlela matsatsi a sekete le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e mehlano a fela. |
Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!
Etlare hobane o qete tshiu tseo, o tla boela o sekame ka lehlakore la hao le letona, mme o tla jara bokgopo ba ntlo ya Juda ka tshiu tse mashome a mane; ke o nea tshiu ka nngwe ho lekanya selemo se seng.
A re ho nna: E tla ba dikete tse pedi tse nang le makgolo a mararo a balwang mantsiboya le hosasa, sehalalelo se ntoo hlwekiswa.
Hobane ha tahlo ya bona e bile poelano ya lefatshe le Modimo, kamohelo ya bona e tla ba eng, haese bophelo bo tswang bafung?
Empa, haele lebala le kantle ho tempele o le siye, o se ke wa le lekanya; hobane baditjhaba ba le neilwe, mme ba tla hatakela motse o halalelang ka maoto, ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.
Mosadi yena a balehela feelleng, moo a lokiseditsweng ditulo ke Modimo, hore a tle a fepuwe teng ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng.
Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.
Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.