Kgosana ya mmuso wa Bapersia e hanyatsane le nna ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong, empa bonang, Mikaele, kgosana e nngwe e kgolo, o tlile ho nthusa, mme ke hlotse ho marena a Bapersia.
Daniele 10:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Leha ho le jwalo, ke rata ho o senolela se ngodilweng bukeng ya nnete. Ha ho ya ntlatsang ho lwantsha bano, haese Mikaele, kgosana ya lona. BIBELE Ke tla o bontsha se ngotsweng Bukeng ya Nnete. Ha ho le ya mong ya emeng le nna ntweng ena, haese Mikaele, kgosana ya heno. |
Kgosana ya mmuso wa Bapersia e hanyatsane le nna ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong, empa bonang, Mikaele, kgosana e nngwe e kgolo, o tlile ho nthusa, mme ke hlotse ho marena a Bapersia.
Mehleng eo, Mikaele, kgosana eo e kgolo, e emelang bara ba setjhaba sa heno, o tla hlaha, mme matsatsi a matswalo a tla ba teng, ao a jwalo a esong ho be teng esale ditjhaba di hlaha, ho tla fihla nakong eo; empa mehleng yona eo, setjhaba sa heno se tla bolokeha, e leng bohle ba ngodilweng bukeng.
Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha.
Mme pono ya mantsiboya le ya hosasa e boletsweng, ke nnete; leha ho le jwalo, wena, o kwahele pono eo, hobane e lebisa mehleng e sa leng hole haholo.
a ntsebisa, a bua le nna, a re: Daniele, ke hlahile jwale ho o nea kutlwisiso ya taba tseo.
Tseba ke hona, o utlwisise hore, ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsoswa, o hahuwe, ha e tswile, ho fihlisa ho motlotsuwa Morena, ho tla feta veke tse supileng; ka veke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi, motse o tla tsoswa, o hahuwe le mapatlelo a wona, le marako a wona, empa e tla ba ka matsatsi a mahlomola.
Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.
Athe haele arekangeloi Mikaele, ha a ne a tseka setopo sa Moshe le Diabolose, o tshabile ho mo ahlola ka nyefolo, a mpa a re: Morena a o kgalemele!
Jwale ntwa ya eba teng lehodimong, Mikaele le mangeloi a hae a lwantsha drakone. Drakone ya lwana, e ena le mangeloi a yona;