Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.
Daniele 10:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme bonang, motho ya jwaloka mora motho a ama molomo wa ka; ka ahlamisa molomo wa ka, ka bua, ka re ho ya emeng pela ka: Morena ka, pono e ntshositse, ke feletswe ke matla. BIBELE Yaba letsoho le kang la motho le ama molomo wa ka, leleme la ka la raroloha, ka bua le ya emeng kapele ho nna, ka re: “Oho, monghadi wa ka, pono ena e nkutlwisitse bohloko, ke kgathetse matla. |
Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.
hobane moo ho nang le hlalefo e ngata, ho hlomoha ho hongata ho teng le hona, mme ya itotisetsang tsebo, o itotisetsa le bona bohloko.
Sa ama molomo wa ka ka lona, sa re: Leshala lena le amile melomo ya hao; jwale, bokgopo ba hao bo tlositswe, sebe sa hao se phekotswe.
Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.
Kahodimo ho sebaka se okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho le ntho e kang lehakwe la safire, e nang le sebopeho sa terone; mme sebopehong sa terone, ho ne ho le ntho e kang sebopeho sa motho ya dutseng ho yona, nqa hodimo.
Empa etlare ha ke bua le wena, ke tla ahlamisa molomo wa hao, mme o tla re ho bona: Morena Jehova o a bua! ... Ho mamele ya mamelang, ya hanang a hane, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.
Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.
Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.
Nna Daniele, ka utlwa pelo ya ka e sisa e hlomohile ka teng ho nna, mme ka tshoha dipono tsa ka.
Dipolelo tseo di fella moo. Nna Daniele, ka tshoha dipono tsa ka haholo, mme sefahleho sa ka sa hlwenya; empa ka boloka dipolelo tseo pelong ya ka.
Mme nna Daniele, ha ke sa ntse ke tadima pono eo, ke ntse ke batla ho e utlwisisa, bonang, ha ema pela ka e mong ya nang le sebopeho sa motho.
Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.
A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.
Yaba nna Daniele, ke wa ke idibane, ka kula ka ditshiu tse ding; ka ntoo tsoha, ka tshwara mesebetsi ya morena, ke ntse ke maketse ke pono eo, eo ho seng motho ya neng a ka e utlwa.
ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;
Ka nako yona eo molomo wa hae wa buleha, le leleme la raroloha, mme a bua, a boka Modimo.
hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.
Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?
mme hara dikandelare ka bona e mong ya kang mora motho, ya apereng kobo e hohobang maotong, ya itlamileng sefubeng ka senyepa sa kgauta.
Yaba Manowa o rapela Jehova, a re: Oho Monghadi, monna wa Modimo, ya romilweng ke wena, a ke a boele a tle ho rona, mme a re rute kamoo re tshwanetseng ho etsetsa ngwana ya tla hlaha kateng.
Gideone a re ho lona: Oho, Monghadi, ha ekaba Jehova a ena le rona, tseo tsohle di re hlaheletseng? E kae mehlolo ya hae kaofela eo bontata rona ba re boleletseng yona, ba re: Na hase Jehova ya re nyolotseng Egepeta? Jwale, Jehova o re furaletse, o bile o re neetse matsohong a Bamidiane!
Gideone a re ho yena: Oho, Monghadi, ke tla namolela Iseraele kang? Bona, ntlo ya heso ke e fumanehileng hara matlo a Manasse, mme nna ke e monyenyane ho ba ntlo ya ntate.