Daniele 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho nna: Daniele, monna ya ratwang, mamela ditaba tseo ke o bolellang tsona, o nne o eme maotong a hao; hobane jwale ke romilwe ho wena. Eitse hobane a bue jwalo le nna, ka ema ke ntse ke thothomela. BIBELE Motho eo a re ho nna: “Wena Daniele ya ratwang haholo, utlwisisa seo ke o bolellang sona. Ema ka maoto, hobane ke ronngwe ho wena.” Hoba a rialo ka ema ke ntse ke thothomela. |
ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.
a re: Se tshabe, monna ya ratwang! Kgotso e be ho wena! Tiya pelo, tiya matla! A re a sa bua le nna, ka utlwa hobane ke filwe matla, ka re: Morena ka a ke a bue, etswe o mphile matla.
ke sa je dijo tse monate; nama ha e a ka ya kena molomong wa ka, leha e le veine; ha ke a ka ka tlola ka veke tse tharo tse tletseng.
Yaba ba tswa, ba baleha lebitleng; hobane ba ne ba tshwerwe ke ho thothomela le ho hlollwa; mme ha ba ka ba bolella motho letho, ke hobane ba ne ba tshohile.
Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa ya ratwang ke Jesu a latetse; ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa hae mohla selallo, a re: Morena, ke mang ya tla o eka?
Empa tsoha, o eme ka maoto; hobane ke itlhahisitse ho wena, hore ke tle ke o bee mohlanka le paki ya ditaba tseo o di boneng le ya tseo ke tla itsebisa ho wena ka tsona.
A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.