Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.
Daniele 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa, bonang, letsoho le leng la nkama, la sisinya mangwele a ka le matsoho a ka. BIBELE Yaba ke bona letsoho le nkama, le nkgumamisa ka mangwele le ka matsoho a ka. |
Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.
Mme bonang, motho ya jwaloka mora motho a ama molomo wa ka; ka ahlamisa molomo wa ka, ka bua, ka re ho ya emeng pela ka: Morena ka, pono e ntshositse, ke feletswe ke matla.
A re a sa ntsane a bua le nna, ka wa fatshe ka sefahleho, ke idibane, empa a nkama, a nkemisa moo ke emeng teng.
ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;
Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.