Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.
Daniele 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a buisana le bona; hara bona kaofela ha ho a ka ha fumanwa e mong ya lekanang le Daniele, le Hanania, le Mishaele, le Asaria, mme ba kena tshebeletsong ya morena. BIBELE Kgosi ya buisana le bona, mme hara bona kaofela ha e a ka ya fumana le ya mong ya lekanang le Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya. Ka baka leo, ba qala ho sebeletsa kgosi. |
Josefa o ne a na le dilemo tse mashome a mararo mohla a emang pela Faro, morena wa Egepeta. Mme Josefa a tswa pela Faro, a ya lekola naha yohle ya Egepeta.
Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.
Na o lemohile motho ya mahlahahlaha mosebetsing wa hae? O tla ema pela marena, a ke ke a ema pela bao e leng batho feela.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Ha o boela ho nna, ke sa tla be ke o kgutlise, o tle o eme pela ka; ha o kgetha se leng setle ho se leng sebe, o sa tla ba jwaloka molomo wa ka. Bona ba tla boela ho wena, empa wena, o se ke wa boela ho bona.
Eitse hobane ho fete matsatsi ao morena a itseng ba hlahiswe ka wona, hlooho ya matona ya ba tlisa, ya ba hlahisa pela Nebukadnesare.
e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.
Morena a laela seo ba tlang ho se fuwa ka tsatsi le leng le le leng sa dijo tse hlabosang tsa morena le sa veine e nowang ke yena, hore ba tle ba hodiswe jwalo ka dilemo tse tharo; etlere ha di se di fetile, ba ntoo kena tshebeletsong ya morena.
Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.
Molao wa tumiswa, mme babohlale ba ne ba se ba bolawa; ho ne ho batlwa Daniele le balekane ba hae ho ba bolaya.
Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.