Jwale Isaaka a isa Rebeka ka tenteng ya Sara, mmae, a mo nka hore e be mosadi wa hae, a mo rata; mme Isaaka a tshediseha bakeng sa mmae.
BaKolose 3:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba halefela. BIBELE Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela. Baasraak Sotho NT Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela. |
Jwale Isaaka a isa Rebeka ka tenteng ya Sara, mmae, a mo nka hore e be mosadi wa hae, a mo rata; mme Isaaka a tshediseha bakeng sa mmae.
Phela hamonate le mosadi eo o mo ratang, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hao ba lefeela, boo o o neileng bona tlasa letsatsi, ka matsatsi a hao a se makae, etswe e le kabelo ya hao bophelong le mokgathaleng wohle wa hao oo o ikgathaditseng ka wona tlasa letsatsi.
Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.
Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itshena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, di falatswe ho lona.
Lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha Kreste le yena a ratile kereke, mme a iteletse lefu ka baka la yona;
Leha ho le jwalo, e mong le e mong ho lona a fele a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata, mme mosadi yena a hlomphe monna wa hae.
Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete.
Ka mokgwa o jwalo, le lona banna, le phedisane le bona ka hlokomelo, ka ho re, mosadi ke pitsa e fetisang ka ho fokola, mme le ba hlomphe, etswe e le majalefa hammoho le lona a mohau wa bophelo, merapelo ya lona e tle e se ke ya sitiswa.