Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, ratanang jwalo le lona.
BaKolose 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kahodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho. BIBELE Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe. Baasraak Sotho NT Hodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho. |
Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, ratanang jwalo le lona.
nna ke be ho bona, mme wena o be ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng, lefatshe le tle le tsebe hoba o nthomile, le hoba o ba ratile jwalokaha o nthatile.
Le se ke la ba le molato ho motho, haese wa ho ratana; hobane ya ratang ba bang ke yena ya phethileng molao.
kamoo o re kgethetseng ho yena kateng, ha o ne o eso ho thee lefatshe, hore re tle re halalele, mme re hloke sekodi pela wona.
mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.
dipolelo tsa bona di tle di tshediswe, mme ha ba tlamahanngwa hammoho ka lerato, ba fihlele monono wohle wa kelello e tletseng, ba tle ba utlwisise sephiri sa Modimo e leng Kreste,
Haele lerato la boena, hase taba eo ke tshwanetseng ho le ngolla yona, kahobane le lona le rutwa ke Modimo ho ratana.
Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;
Ka baka leo, a re feteng ditaba tsa thuto ya Kreste tseo ho qalwang ka tsona, mme re feteleng ho tsa kgolo e tletseng, re se boele ra thea motheo wa ho baka mesebetsing e shweleng le wa tumelo ho Modimo,
Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.
Mme taelo ya wona ke hore re dumele lebitso la Mora wa wona Jesu Kreste, le hore re ratane, jwalokaha o re laetse.