BaKolose 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le mamellane, le rekolohelane, mme ekare ha e mong a ena le komang le e mong jwalokaha Kreste a le hauhetse, etsang jwalo le lona. BIBELE Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse. Baasraak Sotho NT Lo itshokelane, lo itshwarelane, fa mongwe a na le komang le mongwe; fela jaaka Keresete a ne a lo itshwarela, le lona lo dire jalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lo itshokelane, lo itshwarelane, fa mongwe a na le komang le mongwe; fela jaaka Keresete a ne a lo itshwarela, le lona lo dire jalo. |
Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang;
Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.
o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitetsweng; o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe.
Empa Jesu o ne a re: Ntate, o ba tshwarele, hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae ka ho di laola ka lotho.
Eo le mo rekolohelang le nna ke a mo rekolohela; hobane le nna ha ke leballa motho molato, ke mo leballa wona ka baka la lona, mahlong a Kreste;
ka ho hlweka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso,
Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.
mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.
Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.
Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.
Hape, ke seo le bileditsweng sona; hobane Kreste le yena o utlwisitswe bohloko bakeng sa lona, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng;