Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.
BaKolose 1:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke entswe mohlanka wa yona, ka kabelo eo Modimo o nkabetseng yona bakeng sa lona, ya ho isa lentswe la Modimo kahohle, BIBELE Ke entswe mosebeletsi wa kereke, ho ya ka mosebeletsi oo Modimo a nkabetseng wona hara lona, wa ho le ruta lentswe la hae ka ho tlala. Baasraak Sotho NT Ke entswe mosebeletsi wa yona ho ya ka puso ya Modimo eo ke e filweng bakeng sa lona, hore ke tle ke phethe lentswe la Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke entswe mosebeletsi wa yona ho ya ka puso ya Modimo eo ke e filweng bakeng sa lona, hore ke tle ke phethe lentswe la Modimo. |
Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.
Ekare ha ke etsa jwalo ka ho rata, ke na le moputso teng; mme leha ke etsa ke sa rate, tshebetso ya yona e sa ntse e beilwe hodima ka.
eo ke entsweng mohlanka wa yona, ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.
ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.
Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;
Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng.