BaKolose 1:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le lona, le neng le le hole pele, le neng le sa le dira ka mehopolo le ka mesebetsi e mebe, BIBELE Pele le lona le ne le le hole le Modimo, le le dira tsa hae ka mehopolo ya lona le ka mesebetsi ya lona e mebe. Baasraak Sotho NT Le lona, ba pele le neng le ikarotse, mme le le dira menahanong ya lona ka mesebetsi e mebe, jwale o le boelantse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le lona, ba pele le neng le ikarotse, mme le le dira menahanong ya lona ka mesebetsi e mebe, jwale o le boelantse. |
ke tle ke tshware ba ntlo ya Iseraele ka dipelo tsa bona, hobane ba ntahlile bohle ho latela ditshwantsho tsa bona.
Ke basebi, ke baetselletsi, ke ba hloyang Modimo, ke barohaki, ke baikgantshi, ke baikgohomosi, ke ba qapang dimpe, ke ba sa utlweng baholo ba bona.
mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.
O fedisitse ka nameng ya hae sebaka sa hloyano, e leng molao wa ditaelo tse laelwang; hore ba babedi a ba fetole ka ho yena motho a le mong, e motjha, ka ho etsa kgotso;
Mme jwale, ha le sa le basele, leha e le bajaki, empa le se le le ba motse o le mong le bahalaledi, mme le ba ntlo ya Modimo,
bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.
Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.