Ka yona nako eo, Jesu a inyakallela moyeng, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Ho jwalo, Ntate, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.
BaKolose 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane botlalo kaofela bo ratile ho ikahela ka ho yena; BIBELE Ho kgahlile Modimo hore Kreste a be le bomodimo ka ho tlala, Baasraak Sotho NT Hobane ho ratile Ntate hore botlalo bohle bo dule ho yena; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ho ratile Ntate hore botlalo bohle bo dule ho yena; |
Ka yona nako eo, Jesu a inyakallela moyeng, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Ho jwalo, Ntate, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.
Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.
Hobane ereka ha lefatshe le sa ka la tseba Modimo bohlaleng ba Modimo, ka bohlale ba lona, Modimo o ithatetse ho pholosa ba dumelang ka bohlanya ba polelo ya Evangeli.
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;
Hobane leratong la wona, o ne o rere pele ho re bea bana ba wona, ka Jesu Kreste, ka ketso ya boithatelo ba wona,
Ya neng a theohile, esale yena ya nyolohetseng kahodimo ho mahodimo wohle, a tle a tlale ntho tsohle.
Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.