Ke yona ena meloko kaofela ya Iseraele, e leshome le metso e mmedi, mme ke tsona ditaba tseo ntata bona a di buileng ho bona, a ba hlohonolofatsa, a hlohonolofatsa e mong le e mong ka hlohonolofatso ya hae.
BaHebheru 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Athe ha ho motho ya ka hanang ha ho thwe, e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo. BIBELE Ha ho ya ka hanyetsang hore e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo. Baasraak Sotho NT Mme ha ho kganetso, e monyenyane o hlohonolofatswa ke e moholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ha ho kganetso, e monyenyane o hlohonolofatswa ke e moholo. |
Ke yona ena meloko kaofela ya Iseraele, e leshome le metso e mmedi, mme ke tsona ditaba tseo ntata bona a di buileng ho bona, a ba hlohonolofatsa, a hlohonolofatsa e mong le e mong ka hlohonolofatso ya hae.
Davida le yena a boela hae ho ya hlohonolofatsa ntlo ya hae. Mikale, moradi wa Saule, a tswela ho ya kgahlanyetsa Davida, a re: Morena wa Iseraele o itlhomphile hakakang, ha a hlobotse kajeno pontsheng ya makgabunyane a bahlanka ba hae, jwalokaha ho ka hlobola motho wa lefeela!
Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.
Lona mahodimo, sekehang ditsebe, mme ke tla bua; le wena lefatshe, mamela mantswe a molomo wa ka.
Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.
Empa ya sa balweng lelokong la bona, o nkile karolo ya leshome ho Abrahama, mme o hlohonolofaditse eo dipallo di etseditsweng yena.
Mme mona, ba nkang karolo ya leshome, ke batho ba shwang; empa mono, ya e nkileng, ke eo ho bolelwang hore o a phela.