BaHebheru 7:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane boprista ha bo fetohile, molao le wona e ka kgona o fetohe. BIBELE Ha boprista bo fetoha, molao le wona eka kgona o fetohe. Baasraak Sotho NT Hobane ha boprista bo fetoha, molao le wona o tshwanetse ho fetoha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ha boprista bo fetoha, molao le wona o tshwanetse ho fetoha. |
O tla hopola metsamao ya hao, o hlabiswe ke dihlong ka yona, mohla o amohelang banabeno, baholwane ba hao le baena ba hao, bao ke tla o nea bona hore e be baradi ba hao, empa e seng ka ho ya ka selekane sa hao.
Jwale, hojane phetheho e ne e setse e hlahile ka boprista ba Levi — athe molao o neilweng setjhaba o theilwe hodima jona — ana tshwanelo e ne e sa le efe ya hoba ho ka hlaha moprista e mong ya bitswang ka mokgwa wa Melkisedeke, e seng ka mokgwa wa Aarone?
Mme efela ya lekanngwang ka taba tseo ke wa leloko lesele le sa kang la eba le motho ya sebetsang aletareng;
e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.