BaHebheru 5:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Esitile Kreste le yena ha a ka a inea kganya ya boprista bo boholo, empa o e neilwe ke ya itseng ho yena: O Mora ka, ke o tswetse kajeno. BIBELE Ka mokgwa o jwalo le yena Kreste ha a a ka a inkela tlotla ya ho ba Moprista e Moholo, empa o entswe yena ke ya itseng: “O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse;” Baasraak Sotho NT Ka mokgwa o jwalo Kreste le yena ha a ka a ithorisa ka ho ba moprista e moholo; empa ya itseng ho yena: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mokgwa o jwalo Kreste le yena ha a ka a ithorisa ka ho ba moprista e moholo; empa ya itseng ho yena: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse. |
Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.
Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
Ya iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ya hae; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, ke yena e leng wa nnete, mme bokgopo ha bo yo ho yena.
Jesu a araba, a re: Ekare ha ke ithorisa e le nna, thoriso ya ka hase letho; ya nthorisang ke Ntate, eo le reng ke Modimo wa lona.
Modimo o e phethile ho rona bao re leng bana ba bona, ka ho tsosa Jesu, jwalokaha ho ngodilwe Pesalemeng ya bobedi, ho thwe: O mora wa ka, ke o tswetse kajeno.
Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;
Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,
Hobane ke ho lefe ho mangeloi Modimo o kileng wa re le ka mohla o le mong: O Mora wa ka, ke o tswetse kajeno? Hape, ke ho lefe o itseng: Ke tla ba Ntatae, yena e be Mora wa ka?
Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.
Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;