Mahosana a ditjhaba a phuthehile hammoho ho ba setjhaba sa Modimo wa Abrahama; hobane dithebe tsa lefatshe ke tsa Modimo; o phahamile haholo ka ho fetisisa.
BaHebheru 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho le jwalo, phomolo e teng e saletseng setjhaba sa Modimo. BIBELE Ha ho le jwalo, setjhaba sa Modimo se sa saletswe ke letsatsi la phomolo, Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ho saletse setjhaba sa Modimo phomolo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ho saletse setjhaba sa Modimo phomolo. |
Mahosana a ditjhaba a phuthehile hammoho ho ba setjhaba sa Modimo wa Abrahama; hobane dithebe tsa lefatshe ke tsa Modimo; o phahamile haholo ka ho fetisisa.
Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.
O tla kena kgotsong; ba phomola ditaong tsa bona, e leng bohle ba tsamaileng ka tsela ya bona e lokileng.
O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.
ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.
a mpa a ikgethela ho tshwenngwa le setjhaba sa Modimo, e seng ho thabela menate ya dibe e felang kapele;
A re tshabeng ke hona, haele moo pallo ya ho kena phomolong ya wona e sa le teng, esebe e mong wa rona a ka bonahala hoba eka o haeletswe ke yona.
Hobane ya keneng phomolong ya wona, le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwaloka Modimo ha o phomotse mesebetsing ya wona.
Empa haele rona ba dumetseng, re tla kena phomolong, kamoo o itseng kateng: Ka baka leo ke hlapantse kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka! Athe mesebetsi ya Modimo esale e phetheha popong ya dintho tsohle.
Hobane holane Joshua o ba kentse phomolong, Modimo o ka be o sa ka wa bolela le leng letsatsi.
lona bao le neng le se setjhaba pele, empa jwale le setjhaba sa Modimo; lona bao le neng le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.
Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale! Moya o re: E, hoba ba ya phomola mesebetsing ya bona; hobane mesebetsi ya bona e a ba latela.
Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile.