BaHebheru 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane holane Joshua o ba kentse phomolong, Modimo o ka be o sa ka wa bolela le leng letsatsi. BIBELE Hoja Joshua o ne a ile a fela a ba phomotsa, hamorao Modimo a ka be a sa ka a bolela letsatsi le leng hape. Baasraak Sotho NT Hobane hojane Jesu a ba neile phomolo, a ka be a sa ka a bolela hamorao tsatsi le leng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane hojane Jesu a ba neile phomolo, a ka be a sa ka a bolela hamorao tsatsi le leng. |
wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.
Eitse hobane bontata rona ba e newe, ba ya le yona lefatsheng la ditjhaba tseo Modimo o di lelekileng pela bona, ba ena le Joshua; mme ya nna ya dula teng ho fihlela mehleng ya Davida.
Hobane le jwale ha le eso ho kene phomolong le lefeng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona.
Ka baka leo, etlere hobane Jehova, Modimo wa hao, a o nee phomolo ka ho fedisa dira tsa hao kaofela tse o teetseng hare, lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho ba lefa le ruwang ke wena, o hlakole lebitso la Baamaleke tlasa lehodimo. O se ke wa ba lebala.
Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,
Jehova a be a khatholle banababo lona jwaloka lona, le bona ba tle ba rue fatshe leo Jehova, Modimo wa lona a ba neileng lona; le ntoo boela fatsheng le ruilweng ke lona, le le rue, e le leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi.
Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.
Mme jwale, Jehova, Modimo wa lona, o kgatholotse banababo lona, jwalokaha a ne a ba boleletse; ka baka leo, ikgutleleng jwale, le ipoelle tenteng tsa lona, fatsheng leo le le ruileng, leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose wane wa Jordane.
Jehova, ha e se e le kgale a kgatholotse Baiseraele direng tsa bona tse ba teetseng hare, Joshua le yena a se a tsofetse, a hodile,