Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
BaHebheru 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa re bona Jesu ya neng a beilwe ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi, a rwesitswe moqhaka wa kganya le wa hlompho ka baka la lefu leo a le utlwileng, hore, ka mohau wa Modimo, a utlwe lefu ka baka la bohle. BIBELE Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle. Baasraak Sotho NT Empa re bona Jesu, ya ileng a bewa katlase ho mangeloi hanyenyane, ka baka la ho hlokofatswa ha lefu, a rwetse moqhaka wa kganya le hlompho; hore ka mohau wa Modimo a latswe lefu bakeng sa motho e mong le e mong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa re bona Jesu, ya ileng a bewa katlase ho mangeloi hanyenyane, ka baka la ho hlokofatswa ha lefu, a rwetse moqhaka wa kganya le hlompho; hore ka mohau wa Modimo a latswe lefu bakeng sa motho e mong le e mong. |
Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
Empa lekala le tla tswa kutung ya Jese, lehlomela le hlomele metsong ya hae, le behang ditholwana.
Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).
Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.
Le ka baka la diaparo le belaela keng? Lemohang mokgwa oo dikgahla tsa naha di melang ka wona; ha di sebetse, ha di ohle;
Le hona a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ba bang ba teng ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo o etla ka matla.
Kannete, ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo.
Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.
Seo ke ratwang ke Ntate ka baka la sona ke hobane ke bea bophelo ba ka, ke tle ke boele ke bo nke.
Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla o le mong.
Yaba Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le motemona; Abrahama o shwele, le bona baporofeta; mme wena o re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong.
Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.
Modimo wa Abrahama, wa Isaaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse mohlanka wa wona Jesu, eo le mo neetseng Pilato, la mo latola pela hae, leha yena a ne a ahlotse ho mo lokolla.
Ka baka leo, jwalokaha ho tlola ha motho a le mong ho tlisitse tsuo hodima batho bohle, ka mokgwa o jwalo ho loka ha motho a le mong le hona ho tlisetsa batho bohle ho loka ho neang bophelo.
Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona.
Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;
Wona o sa kang wa qenehela Mora wa wona wa sebele, wa mpa wa mo tella rona bohle, na o ke ke wa re sitsa ka dintho tsohle le yena na?
mme o shwele bakeng sa bohle hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya shweleng, a ba a tsoha bakeng sa bona.
Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.
Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,
o ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao o o tlotsitse ka ole ya nyakallo kahodima bohle ba nang le kabelo le wena.
Ka baka leo, mohla a tla tla lefatsheng, o itse: Ha o a ka wa rata sehlabelo, leha e le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.
Ka tumelo, Henoke o nkilwe hore a se ke a bona lefu, mme ha a ka a fumanwa, kahobane Modimo o ne o mo nkile; mme enere a eso ho nkwe, o pakilwe hore o kgahlisitse Modimo.
re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.
O mmeile ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi; a mo rwesitse moqhaka wa kganya le wa hlompho, mme o mmeile ho busa mesebetsi ya matsoho a hao.
Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.
Hobane moprista e moholo e mong le e mong o ye a bewe ho hlahisetsa Modimo dinyehelo le mahlabelo; ka baka leo, e ka kgona eo le yena a be le seo a se hlahisang.
ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.
Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona; e seng ya tsa rona feela, empa e le le ya tsa lefatshe lohle.
Mahlo a hae e ka kgabo ya mollo, mme hloohong ya hae o rwetse meqhaka e mengata; o na le lebitso le ngodilweng le sa tsejweng ke motho, haese ke yena feela;
Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;