o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!
BaHebheru 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) O beile ntho tsohle katlasa maoto a hae. Mme ha ho thwe: Tsohle di beilwe katlasa hae, ha ho a leswa letho le sa bewang katlasa hae; athe ha re eso ho bone jwale hoba tsohle di beilwe katlasa hae. BIBELE o beile tsohle katlasa maoto a hae.” Ka ho bea tsohle tlasa motho, ha a a ka a siya letho leo a sa le beang tlasa hae. Hajwale ha re eso bone hore tsohle di beilwe katlasa hae. Baasraak Sotho NT Dintho tsohle o di beile katlasa maoto a hae. Hobane ka ho bea tsohle katlasa hae, ha a ka a siya letho le sa beweng tlasa hae. Empa joale ha re e-so bone lintho tsohle li behiloe tlas’a hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Dintho tsohle o di beile katlasa maoto a hae. Hobane ka ho bea tsohle katlasa hae, ha a ka a siya letho le sa beweng tlasa hae. Empa joale ha re e-so bone lintho tsohle li behiloe tlas’a hae. |
o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!
a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.
Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.
Jesu, ka ho tseba hobane Ntatae o mo neile dintho tsohle matsohong, le hobane o tswile ho Modimo, mme o ya ho Modimo,
Hobane Modimo o fela o beile tsohle katlasa maoto a hae. Mme ha ho itswe, tsohle di beilwe katlasa hae, ho a utlwahala hobane ya di beileng tsohle katlasa hae, yena ha a balwe.
Ke ho lefe ho mangeloi o kileng wa re, le ka mohla o le mong: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?
jwale, mehleng ena ya qetello o buile le rona ka Mora, eo o mmeileng mojalefa wa ntho tsohle, eo hape o entseng ka yena tse bopilweng kaofela.
Hobane lefatshe le tlang ho tla leo re le bolelang, ha o a ka wa le bea pusong ya mangeloi.
ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.
Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.
le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!