BaHebheru 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) O mmeile ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi; a mo rwesitse moqhaka wa kganya le wa hlompho, mme o mmeile ho busa mesebetsi ya matsoho a hao. BIBELE O mo entse ya katlasana ho mangeloi ka nakwana, o mo rwesitse mofapahlooho wa tlotla le hlompho, Baasraak Sotho NT O mo entse e monyenyane ho feta mangeloi; wa mo rwesa moqhaka wa kganya le kganya, mme wa mmea hodima mesebetsi ya matsoho a hao. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O mo entse e monyenyane ho feta mangeloi; wa mo rwesa moqhaka wa kganya le kganya, mme wa mmea hodima mesebetsi ya matsoho a hao. |
Empa kganya le hlompheho le kgotso di be teng ho motho ka mong ya etsang hantle, ho Mojuda pele, ho isa le ho Mogerike.
Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;
Ho Morena ya se nang ho fela, ya sa shweng, ya sa bonweng, ho Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo le kganya ka ho sa feleng! Amen!
Empa re bona Jesu ya neng a beilwe ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi, a rwesitswe moqhaka wa kganya le wa hlompho ka baka la lefu leo a le utlwileng, hore, ka mohau wa Modimo, a utlwe lefu ka baka la bohle.