Bokang Jehova! Ke rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle, mokgatlong wa ba lokileng le phuthehong.
BaHebheru 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) ha a re: Ke tla bolella banabeso lebitso la hao, ke o binele difela hara phutheho. BIBELE ha a re: “Ke tla tumisa lebitso la hao hara bana beso, ke o rorise hara phutheho.” Baasraak Sotho NT A re: Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o binele difela hara phutheho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o binele difela hara phutheho. |
Bokang Jehova! Ke rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle, mokgatlong wa ba lokileng le phuthehong.
O tla rokwa ke nna phuthehong e kgolo; ke tla o lefela dikano tsa ka pela ba o tshabang.
Ha ke pate ho loka ha hao hara pelo ya ka, ke bolela botshepehi ba hao le poloko ya hao; ha ke a ka ka lobela phutheho e kgolo mohau wa hao le nnete ya hao.
Jesu a mo araba, a re: Ke buile le batho bohle pepeneneng, ka bua sinagogeng le tempeleng kamehla yohle, moo Bajuda bohle ba phuthehelang teng; ha ke a ka ka bolela letho sephiring.
phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,