Yaba Jehova Modimo o robatsa Adama boroko bo boholo, mme Adama a ithoballa. Jehova a ntsha lehopo le leng ho yena, mme a busetsa dinama tulong tsa lona.
BaHebheru 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi. BIBELE Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe. Baasraak Sotho NT Lenyalo le ke le hlomphehe ho bohle, le diphate di hloke ditshila; empa Modimo o tla ahlola dihlola le bafebi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lenyalo le ke le hlomphehe ho bohle, le diphate di hloke ditshila; empa Modimo o tla ahlola dihlola le bafebi. |
Yaba Jehova Modimo o robatsa Adama boroko bo boholo, mme Adama a ithoballa. Jehova a ntsha lehopo le leng ho yena, mme a busetsa dinama tulong tsa lona.
Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, o tla kgomarela mosadi wa hae, mme e tla ba nama e le nngwe feela.
Ebile moprista Hilkia, le Akikame, le Akbore, le Shafane, le Asaia ba ya ho moporofeta Hulda, mosadi wa Shallume, mora Thikva, mora Harhase, mmoloki wa diaparo. O ne a ahile Jerusalema, karolong e nngwe ya motse. Ha ba mmoleletse,
Efela ke mollo o ka tjhang ho isa sehokong, o tshwanetseng ho fothola maruo a ka kaofela.
Ke le moporofeta ke ne ke atametse mosadi wa ka, yaba o a emola, a tswala mora; mme Jehova a re ho nna: O mo ree lebitso la Mahere-Shalale-Hashe-Base (ho phakiswe ho hapjwe, ho kgorolwe hang).
Ekare ha mosadi a kopana jwalo le monna, ba tla itlhatswa metsing ba babedi, ba be sesila ho isa mantsiboya.
Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.
Tshabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etswang ke motho, se kantle ho mmele wa hae; empa ya febang o sitelwa mmele wa hae.
Mme jwale, ya nyadisang moradi wa hae, o etsa hantle, mme ya sa mo nyadiseng, o etsa hantle ka ho fetisisa.
Na ha re na tokelo ya ho tsamaya re ena le kgaitsedi, e leng mohatsa wa rona, jwaloka baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?
Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.
ke mohono, le dipolao, le botahwa, le meharo, le dintho tse jwalo, tseo ke le bolellang, jwalokaha ke se nkile ka le bolella, hore ba etsang tse jwalo, ba ke ke ba ba ba rua mmuso wa Modimo.
Hobane le a tseba hore mofebi, leha a le mong, le ya ditshila, le ya ratang leruo, e leng motho ya sebeletsang medimo ya bohata, ha ba na kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.
Ha ho ka fumanwa monna ya robalang le mosadi ya nyetsweng ke e mong, ba shwe ba babedi, monna le mosadi ba robetseng hammoho. Tlosa bobe jwalo Iseraeleng.
Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.
Hape, bahlanka ba kereke e be banna ba nang le basadi ka bong, ba busang bana ba bona hantle le matlo a bona.
Empa e ka kgona molebedi a hloke sekodi, e be monna wa mosadi a le mong, a be le phadimeho, le masene, le hlompheho, a rate ho amohela baeti, a lokele ho ruta.
ba tlang ho hana ha batho ba nyala, ba tla re, ho tshajwe dijo tseo Modimo o di bopileng hore ba dumetseng, ba tsebang nnete, ba di amohele ka teboho.
Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.
ha o ka fumana monna ya se nang sekodi, e le monna wa mosadi a le mong, ya nang le bana ba dumelang, ba sa nyatsuweng ka ho re ke dihlola, kapa ba sa utlweng.
Ho se ke ha eba e mong e leng mofebi, leha e le ya etsang ditaba tsa Modimo bosawana, jwaloka Esau, ya neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tswalwa, a reka sejonyana se le seng feela.
Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.