BaHebheru 13:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lerato la boena a le tiye. BIBELE Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana. Baasraak Sotho NT A lerato la bara ba motho le tswele pele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A lerato la bara ba motho le tswele pele. |
Letsatsi la Pentekonta ha le se le fihlile, ba ne ba dutse bohle nqalong e le nngwe, ba le kgopolo e le nngwe.
Bongata bohle ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong feela; ho ne ho se motho ya reng, dintho tseo a nang le tsona ke tsa hae, empa dintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bona bohle.
Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.
Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.
Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.
mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.
Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.
Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;
Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.
Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;
Mme taelo ya wona ke hore re dumele lebitso la Mora wa wona Jesu Kreste, le hore re ratane, jwalokaha o re laetse.
E mong ha a re: Ke rata Modimo, mme a hloya ngwanabo, o leshano; hobane ya sa rateng ngwanabo eo a mmonang, a ka tseba jwang ho rata Modimo oo a sa o boneng?