La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




BaHebheru 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jwale ka re: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao; jwalokaha ho ngodilwe taba tsa ka bukeng.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba ke re: Bona, ke nna enwa, eo ho ngotsweng ka yena bukeng ya Molao. Ke tlile, Modimo, ho phetha thato ya hao.”

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yaba ke re: Bona, ke tlile (moqolong wa buka ho ngodilwe ka nna) ho etsa thato ya hao, Modimo.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yaba ke re: Bona, ke tlile (moqolong wa buka ho ngodilwe ka nna) ho etsa thato ya hao, Modimo.

Ver Capítulo



BaHebheru 10:7
12 Referencias Cruzadas  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Ha fumanwa Akmetha, motse wa moreneng, seterekeng sa Media, mmeno o nang le taba e ngodilweng ya kgopotso, e reng:


ke ne ke thabela lefatshe la ho aha ha batho; ke thabela le bana ba batho.


Morena Jehova o nthibolotse ditsebe, mme ha ke a ka ka hana, leha e le ho sutha kasanthao.


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Eitse ha ke tadima, ka bona letsoho le nnanabelang, ka bona le tshwere buka e phuthilweng.


A re ho nna: Mora motho, ja seo o se fumaneng; ja buka eo e phuthilweng, o ntoo ya, o bue le ntlo ya Iseraele.


Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng.


Hobane ke theohile lehodimong, e seng ho etsa ho ratwang ke nna, empa e le ho etsa ho ratwang ke ya nthomileng.