BaHebheru 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha o a ka wa kgahliswa ke ditjheso le ke mahlabelo a etswang ka baka la sebe. BIBELE Ditjheso le mahlabelo ka baka la dibe ha di o kgahlise. Baasraak Sotho NT Ha o a ka wa kgahlwa ke ditjheso le mahlabelo a sebe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha o a ka wa kgahlwa ke ditjheso le mahlabelo a sebe. |
Ha o rate mahlabelo, leha e le dinyehelo; ke moo o ntokisitseng ditsebe; ha o kgahliswe ke ditjheso le mahlabelo a sebe.
Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.
Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.
mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.
Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.
Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.