BaHebheru 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) a tla timela, empa wena o ya sala; a tla tsofala kaofela jwaloka seaparo; BIBELE Tsohle di tla timela, empa wena o tla sala; tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo. Baasraak Sotho NT Ba tla timela; empa wena o a sala; mme kaofela di tla tsofala jwaloka seaparo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba tla timela; empa wena o a sala; mme kaofela di tla tsofala jwaloka seaparo; |
Wona a tla fela, empa wena, o tla nne o be teng; a tla tsofala jwaloka seaparo; o tla a fetola jwaloka kobo, mme a tla fetoha;
A le teroneng ya hae, Jehova e ne e se e le morena mohla morwallo; teroneng ya hae o busa ka ho sa yeng kae.
Dithaba di eso ho ka di hlaha, o eso ho bope lefatshe le dintho tsohle, e, ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng, esale o le Modimo.
Makgotla kaofela a mahodimo a tla qhibiliha; mahodimo a tla menwa jwaloka buka e ngodilweng, makgotla a wona a wele fatshe jwaloka mahlaku a morara ha a foforeha, le jwaloka mahlaku a sefate sa feiye ha a pona.
Ke mang ya entseng hoo, a ba a ho phetha? Ke ya bitsitseng mefuta ya batho esale ho hlaheng, nna Jehova, ke leng wa pele, mme e tla nne e be nna le mehleng ya qetello.
Ho itswe ke Jehova, Morena wa Iseraele le Molopolli wa hae, Jehova wa makgotla: Ke nna wa pele le wa morao; haese nna, ha ho Modimo.
Bonang, Morena Jehova ke thuso ya ka. Ke tla tsuwa ke mang? Bonang, ba tla fela bohle jwaloka seaparo se maharaswa, ba tla jewa ke tshwele.
Emisetsang mahlo mahodimong, le a ise le tlase lefatsheng; hobane mahodimo a tla timela jwaloka mosi, lefatshe le tsofale jwaloka kobo; baahi ba lona ba tla fela jwaloka dintsintsi, empa poloko ya ka e tla nne e be teng kamehla le mehla, mme ho loka ha ka ho ke ke ha fela.
Hobane ba tla jewa ke tshwele jwaloka seaparo, seboko se ba qete jwaloka boya; empa ho loka ha ka ho tla nne ho be teng ka ho sa feleng, le poloko ya ka kamehla le mehla.
Hobane bonang, ke ya bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha; tse fetileng ha di sa tla hlola di hopolwa, di ke ke tsa kgutlela mehopolong.
Mme ha a re: Hang hape, ke ho lekanya hoba o tla fedisa dintho tse sisinngwang, etswe e le tse bopilweng, hore tse sa sisinyeheng di tiye kamehla.
Jwale, ha a bolela selekane se setjha, sa pele o se etsa ntho e tsofetseng, mme ntho e tsofetseng, ya mokgulela, e se e ya timela.
Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.
Ngolla lengeloi la kereke ya Smirna, o re: Wa pele le wa morao, ya kileng a shwa, mme a boela a phela, o bolela tsena, o re:
Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.
Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha; hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile, le lona lewatle le ne le se le le siyo.