Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.
Baefese 5:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste le yena e le hlooho ya kereke, mme ke yena Mmoloki wa mmele wa hae. BIBELE hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha le Kreste e le hlooho ya Kereke. Ke yena mopholosi wa mmele, e leng kereke. Baasraak Sotho NT Hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste e le hlooho ya kereke, mme ke Mopholosi wa mmele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste e le hlooho ya kereke, mme ke Mopholosi wa mmele. |
Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.
Dijo ke tsa mpa, mpa ke ya dijo, mme Modimo o tla fedisa dijo le mpa. Empa mmele hase wa bofebe, empa e le wa Morena, le Morena e le wa mmele.
Jwalokaha kereke e ikokobetsa katlasa Kreste, basadi le bona ba ikokobetse ho banna ba bona jwalo nthong tsohle.
Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.
le ho lebella Mora wa wona mahodimong, eo o mo tsositseng bafung, e leng Jesu ya re loetseng bohaleng bo tlang.
A re thabeng, re nyakalle, mme re ise kganya ho wona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, mme mosadi wa yona o itokisitse;
Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;