A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.
Baefese 5:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lona basadi, le ikokobetse katlasa banna ba lona, jwalokaha le ikokobetsa ho Morena; BIBELE Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona, jwalokaha le ikokobeletsa Morena, Baasraak Sotho NT Lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona, jwalokaha le ikokobetsa ho Morena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona, jwalokaha le ikokobetsa ho Morena. |
A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.
Taelo e etswang ke morena e tla utluwa mmusong wohle wa hae, leha o le moholo, mme basadi bohle ba tla hlonepha banna ba bona, ho qala ka e moholo ho isa ho e monyenyane.
a romela mangolo dinaheng tsohle tsa morena, naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, ha thwe, monna ka mong e be hlooho tlung ya hae, mme a tumise hona ka puo ya setjhaba sa habo.
Basadi ba lona ba kgutse diphuthehong; hobane ha ba dumellwe ho bua; ba mpa ba tshwanetse ho mamela; jwalokaha le wona molao o bolela.
Bahlanka, utlwang ka tshabo, le ka thothomelo, le ka tshepeho ya dipelo tsa lona, bao e leng beng ba lona ka nama, jwalokaha le utlwa Kreste.
Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.
ho phela ka kelello, le ho hlweka, le ho itulela mahae a bona; e be basadi ba molemo, ba utlwang banna ba bona, hore lentswe la Modimo le se ke la nyefolwa.