La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Baefese 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa ntho tseo tsohle ha di kgalemelwa, di bonahatswa ke lesedi; hobane hohle ho bonahatswang, ho lesedi.

Ver Capítulo

BIBELE

empa tsohle di totobatswa ke lesedi.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa tsohle tse kgalemelwang di bonahatswa ke lesedi;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa tsohle tse kgalemelwang di bonahatswa ke lesedi;

Ver Capítulo



Baefese 5:13
8 Referencias Cruzadas  

Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


Mme jwale, ke tla apola bofeela ba hae mahlong a dinyatsi tsa hae, mme ha ho motho ya tla mo namolela letsohong la ka.


Ha ke re ke phekola Iseraele, ke moo ho hlahang bokgopo ba Efraime le bolotsana ba Samaria. Hobane ba etsa tsa bohata. Leshodu le kena matlung, sehlopha sa ba lobelang se hasana kantle.


Ke tla jara kgalefo ya Jehova, hobane ke mo sitetswe, a tle a be a emele nyewe ya ka, a nkahlolele: o tla nntshetsa leseding, mme ke tla boha ho loka ha hae.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


hobane le ho bolelwa tseo ba di etsang sephiring ke taba e hlabisang dihlong.


Ke ho lefe ho mangeloi o kileng wa re, le ka mohla o le mong: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?